Jehova, Morena’a rona,
Re ntse re phela ka uena;
Ka mengwaha le mengoaha,
U setshabelo sa rona.
Lithaba li e-s’o tsoaloe,
Lefatse le e-so bopjoe,
Esale u le Modimo,
U sa baloe le dilemo.
Batho bohle ke Lerole,
Ho uena e ka lithole,
Ha u re ho bona: khutlang!
Eba batho ba fela hang.
Ba joale ka Matlakala
A kukoang ke likhohola;
Ba feta joale ka toro
E ikelang le bosiu.
Bohale ba ha obo tukang
Ke bona bo re felisang;
Libe tsa rona, Morena,
Li bitsa kotlo ea rona.
U lib ea pepeneneng,
U li hlahisa leseding,
Li bonoe tsohle ke uena,
Le tse patiloeng ke rona.
Tsiu tsa rona li ile,
Le lilemo li felile;
Lemo tsee re li baletsoeng
Li mashome a supileng.
Oho! Re rute Morena,
Ho bala tsiu tsa rona
Tse khutsoanyane, tse felang,
Ebe moo re hlalefisoang