1.
Ke tela Satane, – Ralefu, Ralihele,
Khale a mpolaea, – A nkhulela mollong;
Ke mo furaletse, – Hoba Emmanuele (bis)
O ‘nyolotse timelong. (bis)
2.
Ke tela lefatše – Le litšila tsa lona,
Ha le na letlotlo – Tlotlo le nkholisang;
Ho ba le ‘Moloki – Ho mo rata, ho ‘mona
Ke tlotlo le fetisang (bis)
La lintho tse felang. (bis)
3.
Ke tela le nama – Le takatso tsa eona,
Kajeno ke bone – Li tsoala tahleho;
Ho phela ka nama – Ke ho fela le hona,
‘Na ke rata bophelo (bis)
Bo se nang bofelo. (bis)