1.
Fatše le teng la nyakallo,
E leng la ba phelang;
Fatše leo ke la pallo
Ee re e thabelang;
Ke moo bahloeki ba busang,
Khanyeng e sa feteng,
Hlohonolong le kholisang,
Thabong e sa feleng.
2.
Fatše leo ha le hole
Moeli ke lefu;
Etsoe batho re lerole,
Le bocha ke sefi;
Lefu, hape, ke monyako
O isang ho lona
Bana bohle ba topollo
Ba kena ka oona
3.
Ho tla ba joang ha re fihla
Khanyeng le monateng,
Moo ho nyakallong ka mehla
Ke bahloeki ba teng?
Re tla leboha Molimo
Bakeng sa topollo;
Re tla rorisa le Jesu
Le Moe’a bophelo