1 Libe tsena tsa ka,
Tse ngata, tse kholo,
Li nkimetse , lia ntšita
Ke nyahame pelo,

2 Ke ’nile ka leka,
Ka re, a li fele!
Ha ho hlakolehe tšila
Li sa setse tsohle

3 Ka re ke tla baka,
Ke hlobohe libe;
Athe ke ha li tla ata,
Le ho tsoela pele

4 eaba moo letsoalo
Le ntomang kahare,
La re: U hlokile thuso,
Bona, u thethetsoe.

5 Ka ba kahopola
Taba e monate
E reng mali a konyana
A hlakola libe

6 Ke motho ea khopo,
Ke bolela libe;
O, konyana ea Molimo,
U ntlhatsoe, ke phele!