Morena’ka, lentsoe la hao
Na ke tla le leboha ka ‘ng?
Le lokole, le molemo
Ho tsohle tse ka boleloang;
Theko ea lona e feta
Ea silevera le gauta.
Ho lona ke ntse ke bona
Lijo tsohle tse mphelisang:
Bese le loketseng bana,
Bohobe bo ‘matlafatsang.
Tseling leha li ka ntena,
Nke ke ka tenoa ke lona.
Tseleng ea ka ke lebone
Le mpontsang hohle moo ke eang;
Seling la lona ke bone
Tse monate, tse nkhothatsang;
Teng ke bone ka tumelo
Tsa fatse lela la pallo.
Ke lengolo le monate
Le tsoang mane leholimong,
Le ngoletsoe ‘na ke Ntate.
o r ke kene bophelong.
Ka mehla ha ke le bala,
Pelo ea ka ea nyaroha.
Moren’a ka, kea rapela
U nkekeletse mohau,
U ‘neile Lentsoe lena
U ‘nee le Moea oa hao!
E be oona o ntemosang
Taba tsa lona tse hlollang.