1.
Na u hlompheha hakaakang,
Ngwan‘Morena e motle!
Bona ba u felehetsang,
Ba hwatata hohle—hohle.

2.
Ha u lala, u robala,
Lengeloi la Modimo
Le heama ka makgotla
go wena, pel‘mosamo.

3.
Ana ke tlokotsi efe
E ka bang ya u hlahela?
Mara a makale—kale
A eme, a fadimeha.

4.
Ha u tsoha, u tsamaea,
Leetong u tswela pele,
A se a kotoloha,
A ntse a u teetse hare.

5.
Ke ba u hlekelang tsela,
Ba u phemisang tsietsi,
Mamena la madumela,
Moo u ka welang u ’notshi.

6.
Ba u boloka maoto
Ba u beile diatleng;
Ke ka taelo ya Jesu,
Morena ya u ratileng.

7.
U kgothahale, ha u mong;
dira di ka u rorela,
Ba u bolokang leetong
Ke moifi wa dinatla.