1.
Oho, se fele pelo,
Ngwana wa Morena,
Meleko e meholo,
Leha e o dika,
Tshepa, tshepa.
U tshepe ‘Moloki;
Tshepa, tshepa.- Thuso e haufi!
2.
Leha di o chehile,
Takatso tsa nama,
Menyaka ya lefatshe
E se e o hapa,
Tshepa, tshepa.
U na le Morena;
Tshepa, tshepa.
Khomarela eena!
3.
Leha ntwa tse lerata
Di o kene pelo,
U tepeletse, o – eshwa,
Mahlo a le matsho,
Tshepa, tshepa.
Jesu o sa le teng;
Tshepa, tshepa.
U ya pholohileng.
4.
Mohlomong le maswabi
A babisang pelo,
Ho wena ke lefifi,
Moriti wa lefu;
Tshepa, tshepa.
Jesu ke motshedisi;
Tshepa, tshepa.
Ke eena lesedi
5.
Tshepa, tshepa ka mehla
Le ka pelo eohle;
U tshepe Jesu fela,
U tla ‘ne o phele.
Tshepa, tshepa.
Ho pheleng le ho shoeng,
Tshepa, tshepa.
Jesu, ho sa feleng!