Re rata ha re ka bona
Jesu, letsatsi la rona;
Taba tsa hae ke leseli
Le lelekisang lefifi.

Re khelohile hakaakang!
Re tla botsa tsela ho mang?
Tsela ea ‘nete ke Jesu;
Tlong, a re ‘matleng, baheso.

Baitšepi ba lahleha,
Ba leng boi ba teneha;
Ha ho bohlale ho batho,
Le matla a sieo koano.

Ea sa rateng ho timela
A latele Jesu feela;
A se ke a tšaba letho,
A hlobohe tsa bokhopo.

Leha batho ba mo tšoenya,
Ha ba ka ke ba mo senya;
Jesu a ka tlohela joang
Bana ba hae ba mo ratang?

Ea itšepetseng Morena
O tla pholosoa ke eena;
O tla kena leholimong,
A lule lehlohonolong.

Jesu, ‘Moloki e motle,
Tlosa ho ‘na libe tsohle;
Ke fetohe ka tumelo,
Ke itšabise timelo!