1.
Jesu ke setshabelo
Bohlokong ba pelo
Madi a hae ke tefo
E lefang melato;
Re mo tshepeng kaofela
Dibe a di tlose;
Bohle ba ka dumela
O ba lopolotse.

2.
Ba dumelang ka ‘nete
Ba ka nyaroha ke’ng?
Ba telang taba tse mpe
Ba lahlehile neng?
Ke bana ba lefatshe
Ba ka thothomelang,
Ba hlokang Mopholosi
Ea ka ba pholosang.

3.
Re tiisetseng tumelong.
Ha re sa le tlase;
Ho kena lehodimong,
Re tele lefatshe;
Re kopaneng le Jesu
Ea re fang poloko;
Ho mo rata ka pelo
Ke bona bophelo.