1 Ke oa‘, Basotho, Mokhosi
O llang lefatšeng la löna,
O reng: Sokolohang? (bis)
Ke mokhosi oa Molimo,
Morena ea matla ’ohle;
O tla a tšoere khalefo;
tšabang, le mo khumamele!

2 Utloang, Basotho, mokhosi:
Ke oa litšiu tse seng kae,
O re: Sokolohang! (bis)
tšabang, letsatsi lea tla ;
La tseko le la kahlolo;
Bohle ba hanneng ho baka,
Ba tla hlokisoa bophelo.

3 Utloang, Basotho, mokhosi:
O hlabeloang batho bohle,
Ea reng a hloke molato,
A balehele ho Jesu;
Ke tšabelo sa sebele,
Ka ntle ho eena ke lefu.

4 Bakreste, hlabang mokhosi
Ka bophara ba lefatše,
Le re : Sokolohang! (bis)
E—bang seli la lefatše.
Ba bone Jesu ka löna;
Ho lelekisoe lefifi,
Hohle e be khanya feela!