1 Phallang, le phallele
Baetsalibe;
Phallelang batho ba eang timelong;
Eang ho balahlehi,
Hlabang mokhosi,
Ba khanneleng ho Jesu, bophelong.
Phallang, ba phalleleng,
E—reng ho bohle
Jesu o mohau, o mohau
2 Llelang bafokoli
Le bakhelohi;
Le ’ne le ba hlomohele pelo.
Hlong le ba qophelle,
Le ba rapelle;
Le b allele maotong a Jesu.
Phallang, ba phalleleng…
3 Leha ba le hole,
Ba lahlehile,
Jesu eena o sa nts‘ba rata.
Etsang ka pheello
Le ka lerato;
Le re Jesu o ba lebeletse.
Phallang, ba phalleleng…
4 Tsoalo ha le le teng,
Ba lla sephiring,
Se phakiseng la felloa ke tšepo.
tšabang ho dieha;
Nako lia ea,
Ba ka tima moea oa molimo.
Phallang, ba phalleleng…
5 Leha ba khathetse
’Me ba fokotse,
Ba qekeng ka mosa, ka sebete.
Bana ba mahlasoa,
Ba shoang ke tlala,
Ba lateng, batle khoreng ha ntate,
Phallang, ba phalleleng…
6 Utloang hle taelo;
Eang ka cheseho;
Se tepelleng, le tšepe Morena.
Le ee ka thapelo
Le ka tumelo;
Le tla putsoa ka bona le löna.
Phallang, ba phalleleng…