1 Se sa le teng sebaka bohading;
Ntlo ha e s‘tlale,
di sa le teng, ditulo moreneng;
Phuthang bamemuwa.
tswelang ditseleng le kahohle,
Le bitse batho, le ba kganne,
Le re, baka se sa le teng.
2 Se sa le teng, go rialo Morena;
Ntlo e ke e tlale.
Lentswe la hae le dume ka matla
Har‘ba dichaba.
Pelo ya hae e tletse mohau,
E rata poloko ya batho.
Ruri, baka se sa le teng.
3 Se sa le teng; mamela, modibe,
Lentswe le monate.
U mohloki, u sehole ruri,
‘ u lahlehile.
E—re: Jesu, mphe, ke lefeela,
Ke lesitsi, u nkgauhele,
Le ‘, le ‘, ke e‘kena.
4 Se sa le teng; se hane, ngwan‘o;
Le wena ua bitswa.
Tlo moketeng, u lalle le Jesu;
U tla amohelwa.
Mohani o tla ja thohako;
ya tlang o tla bona bodulo;
Etswe baka se sa le teng.
5 Se sa le teng, tdung ya lehodimo,
Baka se seholo.
Ke phomolo, ke kgotso ya pelo
Sefubeng sa Jesu,
Teng go fumanwa thabo, kganya,
Bophelo bo se nang go fela.
Helang, baka se sa le teng!