1. Tlong ho Jesu, le tle kapele,
Lentsoe la hae le supa tsela;
Le eena o teng ka sebele,
O nts‘re: Tlong ho ’na!

Re tla thaba ha re kopana,
Re lopolotsoe sebeng sohle,
Ha re kopana ho Morena,
Ha hae ka sebele.

2. Utloang! O nts‘re: Lesang bana,
Le ba lesele ho tla ho ’na.
Helang, baetsalibe, thabang,
Se luleng, phakisang!

Re tla thaba ha re kopana…

3. Ikhetheleng eena kajeno;
Oho, ineeleng eena Jesu,
Le fumane khotso le thabo,
Le bona bophelo.

Re tla thaba ha re kopana…

4. Le har‘röna hona joale,
E, Jesu o teng ka sebele;
O nts‘re laea, o nts‘bitsa,
O nts‘re: Tlong ho ’na!

Re tla thaba ha re kopana…

5. A ka bat eng na ea mo hanang
Ana ke mang ea liehang?
O nts‘u bitsa ka qophello;
Oho, ngoan‘o tlo!

Re tla thaba ha re kopana…