1
Molimo o sa utloile
Lillo tsa bahlophehileng
Kajeno hle! lifedile
Ke thabo e phethehileng
Chorus
Ahe ngoana oa Maria
U hlotse lefu!
Ua phela!
Alleluia! Alleluia! Alleluia! Alleluia!
2
O hatakeletse fatshe
Satane ea hapileng batho
Joale o ba lokolotse
Ka linaleng tsa Ralefu
3
Mali ‘ohle a Konyana
A n’a tsholohele fatshe
Ke ha topollo e phethoa
Ea bohle baetsalibe
4
Oho! Jesu ha re phela
Ke hobane u re shoetse
Le joale u re fe matla
Re tsebe ho hlola sebe
5
Oho! Paseka ea rona!
U re hule ha monate
Re fetele ka ho uena
Re lule re tiisitse
6
‘Me letlotlo le lekanang
Le nehoe Ntate le Mora
Le Moea o halalelang
Hona joale le ka mehla