O mohau wa Modimo
ke kwetsa e kaakang!
E ka ba o fe molomo
o ka o bolelang?
‘Na, esale o mphihlela,
Ke maketse feela!
Modimo o n’o mphumane
Tseleng ya tahleho;
tsa lefatshe di ntahile
Ke fedile Kutlo;
Ke pheela, ke mathela
Bosawana feela.
Ke buswa ke ditakatso
Tse jang pelo yaka
Di mpofile ke le mofo,
Ke hola le tsona.
Ke ne ke se na ho hana,
le ha di mpolaya.
Jo, motho ya thotofetseng,
Ya sheleng le mahlo,
Ka mathela boreleding,
dintshing tsa selomo!
Jo ‘na, ke ne ke mo soma
Ya reng wa ntemosa!
Ke ha jeso a mphallela
Ke mohau wa hae;
Hoja o ntlohetse fela,
Na nka be ke le kae?
A phakisa a ntlhoibila,
A ntshwara ka phela.
Ke ha a mpusetsa tseleng,
A ‘neya le kutlo
A kgaola tse ntlamileng
A mpha le bophelo
Ka utlwa ke fetohile
Mme ke pholohile!
== English ==
Oh, the mercy of God,
What a wondrous gift!
If you had a thousand tongues,
What could you say?
Since He has found me,
I stand in awe!
God found me
On the path of destruction;
The pleasures of the world abandoned me,
I was deaf and lost;
I lived and ran
Only on emptiness.
I was ruled by desires
That consumed my soul,
They blinded me in my wretched state,
Yet I embraced them.
I could not resist them,
Even as they destroyed me.
Oh, a man so lost,
Wandering with blinded eyes,
Running toward destruction,
To the jaws of death!
Oh, how I mocked
The one who tried to warn me!
But then my Savior came for me,
By His boundless grace;
Had He left me to my fate,
Where would I be?
Swiftly, He rescued me,
And held me to life.
He set me back on the right path,
Restoring my hearing,
Breaking the chains that bound me,
Giving me new life.
I felt transformed,
And I was saved!