1.
Re bahlanka ba hao ba bokhabane
Re laele, re tla utlwa, Jesu;
Dintwa tsa hao tsa madi re di lwane,
Re sa tshabe maqeba le lefu!

Ho isa lefung! Ke ntswe la boitlamo
Ke kano ya sechaba sa ‘nete!
Sefapano ke seboko sa rona,
Re se jara ka thabo, o Kreste.

2.
Tsela tsohle di monate le wena,
Leha di ya bohlokong le lefung;
Re ke ke ra lesa ho o latela,
Wena ya re shoetseng sefapanong.
Ho isa lefung! …

3.
Matla a rona ke phokolo fela:
Ruri tseleng, re tla wa haholo.
Ha o sa tle he re tsosetsa matla
Le ho re nenesa ka letsoho
Ho isa lefung! …

4.
Moya wa hao, Jesu, o halaletse,
O kopanye dipelo tsa rona,
Dintoeng tsa hao tsa ho hlola lefatshe,
Sebe, lefu le matla a tsona.
Ho isa lefung! …