Chorus
Ke tsatsi le monate
Lena la kajeno
Re matheleng ka pele
Ho pelo ea Jesu
1
A re eeng ho leboha
Lerato la Jesu
O hlahisitse lona
Ka ho shoela batho
2
A re eeng ho lefela
Melato ea rona
Re kopeng ligrasia
Pelong eo e mosa
3
A re eeng ho soabela
Litshito tse ngata
Tse leng teng ka ho rona
O tla li hlakola
4
A re eeng ho hlomoha
Ka pelo tsa rona
Ho bona mahlomola
A pitlang Morena
5
A re eeng ho itlama
Pelong eo e mosa
Ha re sa tla koeneha
Likanong tsa rona
6
E, pelo ea Morena
Re se re u balla
Re tla u sebeletse
Ka mehla le mehla